Ho Ngola Dipheyo tsa Lenaneo
Ha o ngola dipheyo tsa lenaneo, ho na le dintlha tseo o lokelang ho di boloka kelellong. Ho sebedisa dintlha tsena ho tla o thusa ho etsa hore mananeo a hao a etsahale le ho etsa hore meralo ya hao e be nnete.
Taba ke hore sepheyo sa pele lenaneong e lokela ho ba sepheyo sa tlhahiso. Mofuta ona wa sepheyo o beha dintho tse ngata, hangata kgahlanong le nako. Mohlala wa sepheyo sa tlhahiso e tla ba “Mangolo ohle a kamohelo a romellwe ho baithuti ba hwetla e tlang ka la 15 Mmesa.”
Empa leha sepheyo sa pele e tlameha ho ba sepheyo sa tlhahiso, ha o na ho ngola sepheyo sa tlhahiso ka bo sona feela. Lebaka la sena ke hore motho e mong o tla tlameha ho etsa sepheyo. Mme hang hoba o be le motho moo hore a se etse, o se o qadile ho hlophisa dintho. Kahoo mokgatlo o tlameha ho ba teng hantle qalong.
Mohlala, bakeng sa sepheyo sa tlhahiso se kahodimo, a re re ho na le motho a le mong hona jwale ya ka etsang mosebetsi wa ho romela mangolo a kamohelo, empa wa tseba hore ho tla nka batho ba bangata hore mangolo ohle a romellwe ka la 15 Mmesa. Kahoo o tla tlameha ho eketsa sepheyo lenaneong hore batho ba bang ba babedi le bona ba sebetse ho romella mangolo ana.
Kahoo, sepheyo sa pele e tla ba bakeng sa mang kapa mang ya teng hona jwale ho qala ho ngola mangolo le ho romellwa ka poso. Mme sepheyo sa bobedi e tla ba ho beha batho ba bangata mosebetsing ona. Ho seng jwalo tlhahiso e ke ke ya tswela pele.
Kahoo ho tlameha ho ba le mokgatlo o hlophisitsweng o tla tlisa tlhahiso.
Dipheyo di lokela ho ka emiswa (di kgonehe, di phethelwe le ho phetheha).
Ka nako e nngwe o ka bona sepheyo se ngotswe e le hore se ke ke sa fediswa. Hangata hona ho etsahala hobane sepheyo se jwalo ha se fane ka ketso e itseng eo motho a ka e etsang.
Sepheyo se kang “Boloka kamano e nang le botswalle le tikoloho (sebaka)” ha se etse hore motho a nke kgato, ka hona se ke ke sa fediswa.
Jwale, haeba sepheyo se buile ho hong ho kang “Etela Mofumahatsana Smith le Monghadi Jones mme o ba jwetse ka…” le tse ding, ke ketso e ka ETSWANG.
Dipheyo di lokela ho kgona ho ka fediswa—di kgonehe, di phethelwe le ho phetheha. Mananeo a hao a tla ba le monyetla o motle wa ho etsa seo o batlang hore a se etse ha dipheyo tsa lenaneo di ka phethelwa.
Kaha o ithutile mefuta ya dipheyo le ho e ngola, jwale o ka kopanya dipheyo tsena mme o ngole mananeo ohle.
Ka tlase o tla fumana mehlala e mmedi ya mananeo. E kenyelletsa mefuta e fapaneng ya sepheyo e etsang lenaneo le tlwaelehileng. E boetse e bontsha hore na dipheyo di hlophisitswe jwang ho hokahana le ho ba ka tatellano e nepahetseng.
Mohlala ka mong wa lenaneo o na le morero o itseng. Ka lenaneo la pele, o tla ithuta hore na dipheyo di sebediswa jwang le hore na o ka etsa lenaneo jwang. Ka lenaneo la bobedi, o tla ithuta ka tlhahiso.
Ka ho etsa mananeo ana a mabedi, sepheyo se le seng ka nako, o tla bona kamoo ditekanyetso tsa
Ha o se o a qetile, o tla kgona ho ngola le ho etsa mananeo a hao. Seo se tla o bontsha ka ho hlaka hore na o ka fihlela sepheyo sa hao jwang le merero ya hao.
Lenaneo la Mohlala #1
Morero: Ho ithuta hore na dipheyo di sebediswa jwang le ho etsa lenaneo.
Sepheyo se Seholo: Ho e etsa.
Sepheyo sa Mantlha:
1. Bala lenaneo lena hang ebe o etsa sepheyo ka seng.
Dipheyo tsa Bohlokwa:
1. Tshepahala ho etsa sena.
2. Etsa tsohle.
3. Lekola e nngwe le e nngwe ha o qetile.
Dipheyo tsa Tshebetso:
1. Rola seeta sa hao se letona. Sheba serethe. Hlokomela se ho sona. Se rwale hape.
2. Eya ho fumana metsi a honwa.
3. Nka leqephe la pampiri. Etsa didika-dikwe tsa mefuta e meraro (didika-dikwe tse takilweng se seng ka hara se seng tse arolelanang setsi se le seng). Le shebise sefahleho fatshe. Ngola lebitso la hao mokokotlong. Le tabole mme o kenye dikgetjhana bukeng.
4. Rola seeta sa hao sa leqele. Sheba serethe. Hlokomela se ho sona. Se rwale hape.
5. Eya ho fumana motho e mong, mme o re dumela. Kgutla mme o ingolle molaetsa o lekola hore na o amohetswe jwang.
6. Rola dieta ka bobedi mme o otle direthe ka makgetlo a mararo ebe o a di rwala.
7. Ngola lethathamo la diprojeke bophelong ba hao tseo o di tlohetseng di sa phetheha kapa di sa etswa ho hang.
8. Ngola hore na hobaneng ho bile jwalo.
9. Lekola lenaneo lena ka hloko ho etsa bonnete ba hore o le phethile kaofela ka botshepehi.
10. Thathamisa lethathamo la dintho tseo o di hlokometseng, haeba di le teng ha o ntse o etsa lenaneo lena.
11. Etsa qeto ya hore na o entse lenaneo lena ka botshepehi.
Lenaneo la Mohlala #2
Morero: Ho ithuta ka tlhahiso.
Sepheyo se Seholo: Ho hlahisa ho hong e le ka nnete.
Dipheyo tsa Mantlha:
1. Fumana pentshele le maqephe a mahlano a pampiri.
2. Dula kae kae hore o tsebe ho etsa lenaneo lena.
Dipheyo tsa Bohlokwa:
1. Bala sepheyo sa tshebetso mme o netefatse ho se etsa kaofela pele o fetela pele.
2. Hlahisa se bitsitsweng e le ka nnete.
Dipheyo tsa Tshebetso:
1. Shebahala o phathahane haholo ntle le ho etsa letho.
2. Etsa hoo hape, empa kgetlong lena o kgodisehe haholo (etsa hore motho a dumele hore ho na le ntho ya nnete).
3. Fumana sehlahiswa sa mosebetsi kapa tshebetso ya hao. Kopa thuso ho motho e mong ha ho hlokahala.
4. Otlolla dipampiri tafoleng ya hao.
5. Nka leqephe la pele ho latela sepheyo sa mantlha se kahodimo. Ngola hore na No. 4 e ne e le tlhahiso kapa tjhe.
6. Fumana pampiri kapa molaetsa o sa kenyeng letsoho ho hlahisa sehlahiswa sa hao.
7. O arabe.
8. Nka leqephe la bobedi le bitsitsweng sepheyong sa mantlha. Ngola hore na ke hobaneng ha mohato wa 7 o utlwahala hantle.
9. Nka leqephe la boraro mme o hlalose hore na o amohela dipuisano jwang mosebetsing kapa tshebetsong ya hao.
10. Fumana sehlahiswa se le seng se nepahetseng bakeng sa mosebetsi wa hao, se felletseng, sa boleng bo hodimo.
11. Se lokolle.
12. Lekola dipheyo tsa tshebetso ho bona hore na ke sefe se entseng hore o ikutlwe hamonate.
13. Nka leqephe la bone la pampiri mme o ngole hore na tlhahiso ke yona motheo kapa tjhe wa boitshwaro (kelello le maikutlo a motho kapa sehlopha le boholo ba tjheseho eo ba e bontshang bakeng sa ketsahalo eo ba kentseng letsoho ho yona).
14. Nka leqephe la bohlano la pampiri, lesebedise ele leqephe la sekwaelo ebe o ngola kakaretso ya lenaneo.
15. Hlokomela hore o qetile lenaneo.