Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Sesosa sa Kgatello

Nako le nako ha motho e mong a sebetsa hantle mme ebe ka tshohanyetso o qala ho etsa hampe, a kule kapa a qale ho etsa diphoso, ho na le lebaka le hlakileng la sena. Ha se bomadimabe feela (matla a itseng a patilweng a etsang qeto ya se tla etsahala). Ho na le ho hong ho bakileng hore sena se etsahale.

Ka mokgwa o tshwanang, ha motho a ikutlwa a thabile mme a atleha bophelong mme, ntle le lebaka le ka bonwang habonolo, a qale ho ikutlwa a nyahame, ho bonahala a sa etse letho ka tsela eo a neng a e etsa ka yona pele mme jwale a hloname ebile a nyahame kgafetsa, ho na le motho kapa ho na le ntho e entseng hore sena se etsahale.

Mohlomong ha o eso hlokomele, empa ho na le mefuta e mmedi e ikgethang ya batho setjhabeng—ba bang ba hlile ba batla hore o etse betere, ha ba bang ba sebetsa ka thata ho etsa hore o se atlehe. Batho bana ba fosahetseng ba pata seo ba se etsang mme ha ho bonolo ho ba bona haeba o sa tsebe ho ba batla. Empa ba teng bophelong.

Seo o hlokang ho kgona ho se etsa ke ho bona le ho tseba hore na metswalle ya hao ke bo mang. Ke batho bafe bao o ba tsebang, o dulang le ho sebetsa le bona ba hlileng ba batla hore o etse hantle mme ke batho bafe ba lekang ho etsa hore o hlolehe? Ha o ka araba potso ena mme wa tseba ho sebetsana le batho ba lekang ho o emisa, o ka qala ho phela hantle haholo bophelong mme o be le botsitso, o atlehe o boele o thabe hape.

Theknoloji ya L. Ron Hubbard thutong ena e o fa disebediswa tseo o di hlokang ho sebetsana le sesosa sa kgatello le ho o ruta mokgwa wa ho di sebedisa.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Botho ba ho Ikgesolla

Kgahlano e bolela ho kgahlanong le ho hong.

Setjhaba se bolela ho amana le bophelo bo botle le thabo tsa batho. Ho boetse ho bolela ho ba le botswalle kapa ho phedisana hantle le ba bang.

Ho Ikgesolla ho hlalosa boitshwaro bo kotsi ho bophelo bo botle le thabo ya batho.

Botho bo amana le makgabane a boitshwaro ba motho, jwalo ka ha bo bontshwa ke diketso le menahano ya hae.

Botho ba ho Ikgesolla, ke motho ya kgahlanong le motho e mong le e mong, ketsahalo kapa sehlopha se sebetsang ho thusa ba bang ho ntlafala.

Ho na le ditshobotsi tse ding (makgabane a matle kapa a mabe ao motho e mong a tsejwang ka ona) tse etsang hore diperesente tse mashome a mabedi tsa baahi ba be kgahlanong haholo le tshebetso efe kapa efe kapa sehlopha se sebetsang ho thusa batho, ho ba etsa hore ba be betere, ba thabe kapa ba be le bokgoni bo eketsehileng. Batho ba jwalo ba tsejwa ka hore ba na le ditshekamelo tsa ho ikgesolla. Tlwaelo ke tsela eo motho a itshwarang ka yona ka lebaka la monahano wa hae. Mohlala, Botho ba ho Ikgesolla o tlwaetse ho fumana phoso ho motho e mong.

Diketso tsa botlokotsebe le bokebekwa (ho utswa, ​​ho utlwisa ba bang bohloko, peto, polao, jj.) di etswa ke Batho ba Botho ba ho Ikgesolla. Batho ba hlanyang le ba setsi sa kelello hangata ba fumana hore ba qeteletse ba le boemong boo hobane ba ne ba kopane le batho ba jwalo.

Kaha ba etsa karolo ya 20 lekgolong ya baahi mme kaha karolo ya 2½ ya karolo ena e le kotsi e le kannete, rea bona hore ka tshebetso e nnyane haholo, re ka etsa ho hoholo ho ntlafatsa maemo a lefatshe la rona.

Ha re batla sesosa sa kgwebo e ntseng e senyeha, re fumana hore, kae-kae ho basebetsi ba yona, Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o sebetsa ka thata.

Malapeng a ntseng a qhalana, re tlwaetse ho fumana hore motho wa Botho ba ho Ikgesolla o a ameha. Moo bophelo ba motho bo seng bo le bobe ebile a hloleha, tlhahlobo e hlokolosi e tla fumana botho bo le bong kapa a mangata a jwalo a le mosebetsing.

Mohlala, nka ntlo ya dijo e hlolehang ebile e se e tswa kgwebong. Ha e etse tjhelete e lekaneng, empa e bonahala e hohela bareki ba bangata. Re fumana hore motho ya sebetsang ka tjhelete ke motho wa Botho ba ho Ikgesolla. O ntse a utswa tjhelete le ho e kenya ka pokothong. O ntse a beha molato ho basebetsi mme a etsa hore ba ikutlwe eka ha ba kgone ho etsa mesebetsi ya bona.

Kapa o nke lelapa le dulang hammoho ka thabo ho fihlela malome, eo e leng Motho wa Botho ba ho Ikgesolla, a tla ho dula le bona. O phatlalatsa ditaba tse mpe mme o fumana phoso ho e mong le e mong wa lelapa letsatsi le leng le le leng. Lelapa lohle lea teneha (empa ha le lemohe lebaka) ebe le qala ho phehisana kgang. Bana ba etsa qeto ya ho tswa lapeng ho ya dula ba le bang.

Kaha ho na le diperesente tse 80 tsa rona tse lekang ho phedisana mme ke diperesente tse 20 feela tse lekang ho re thibela ho etsa jwalo, bophelo ba rona bo ka ba bonolo haholo ha re ka tseba diponahatso tse hlakileng tsa botho bo jwalo. Hobane ha re ka etsa jwalo, re ka bona hore na motho wa Botho ba ho Ikgesolla ke mang mme ra ipholosa ho hloleheng ho hoholo le masisapelo.

Ho bohlokwa, ka hona, ho hlahloba le ho thathamisa ditshobotsi tsa Botho ba ho Ikgesolla. Ditshobotsi ke dintho tseo o ka di lemohang ka motho, jwalo ka seo a se etsang kapa a se buang le tsela eo a se buang ka yona le tsela eo a itshwarang ka yona ho wena le ho batho ba bang. Hobane batho ba Botho ba ho Ikgesolla ba baka dikotsi tse ngata bophelong ba letsatsi le letsatsi ba batho ba bangata, ho hlokahala hore batho ba itlhomphileng ba be le tsebo e ntle mabapi le taba ena le ho tseba ho hlokomela motho wa Botho ba ho Ikgesolla ka boitshwaro ba hae.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape