Ditjhaba
“Setjhaba” ke eng?
O utlwa batho ba re “setjhaba,” naledi ya difilimi e re “setjhaba sa ka.”
Ha o sheba ka hara buka e hlalosang mantswe, o tla fumana “setjhaba” se bolela sehlopha se hlophisitsweng kapa se akaretsang sa batho.
Ho na le tlhaloso e tobileng ya lentswe “setjhaba” eo o ke keng wa e fumana ho buka e hlalosang mantswe empa ke yona e sebediswang sebakeng sa dikamano tsa setjhaba.
“Setjhaba” ha se bolele mokgopi, bongata bo boholo ba batho, kapa matshwele. “Setjhaba” se bolela “mofuta wa bamamedi.” (Bamamedi ke batho ba amohelang molaetsa, puisano, kgothatso, jj.)
Ho ditsibi tsa PR batho ba arotswe ka ditjhaba tse fapaneng.
Mohlomong batho ba nkileng karolo qalong ya PR ba ka be ba sebedisitse lentswe “bamamedi.” Empa ha baa ka ba etsa jwalo. Ba sebedisitse lentswe “ditjhaba” ho bolela mefuta e fapaneng ya bamamedi dipuisanong tsa bona.
Kahoo o ke ke wa fumana lentswe lena dibukeng tse hlalosang mantswe. Empa o tlameha ho utlwisisa lentswe “setjhaba” le ho le sebedisa. Ho seng jwalo, o tla etsa diphoso tse ngata.
Hoo e ka bang diperesente tse 99 tsa diphoso diketsahalong tsa dikamano tsa setjhaba di hlaha hobane di buisana le setjhaba se fosahetseng. Ho bua le setjhaba se fosahetseng ke lona lebaka le leholo la ho hloleha ha PR. Ke karolo ya bohlokwa ya tlhahisoleseding eo o lokelang ho e boloka kelellong ha o sebedisa dikamano tsa setjhaba.
Nahana hore na ho ka etsahalang haeba khamphani e rekisang makoloi a theko e phahameng e romella papatso ya bona ho bana ba sekolo. Ba ke ke ba rekisa makoloi a mangata!
Jwale “setjhaba” ke eng ?
Dikamanong tsa setjhaba kamehla sebedisa “setjhaba” hammoho le lentswe le leng. Ha o sebedise lentswe “setjhaba” ka bolona. Ka mantswe a mang, setsebi sa dikamano tsa setjhaba se ke ke sa re Setjhaba.
Ho na le “setjhaba sa baahi,” se bolelang batho ba motseng ba se nang sehlopha se seng se ikgethileng.
Ho na le “setjhaba sa batjha” se bolelang batho ba kahodimo ho dilemo tse leshome le metso e mmedi le ka tlase ho mashome a mabedi.
Hona le “setjhaba sa dingaka,” ho bolelang dingaka tse o lekang ho di fihlela.
Hona le mefuta e makgolo e fapaneng ya ditjhaba.
Batho ba bang ba ka ba le mokgwa wa ho itlosa bodutu kapa mesebetsi kapa ho hong ho tshwanang ho ba etsang “mofuta wa setjhaba.” Mohlala, batho ba bapalang papadi ya kolofo, batho ba nang le dintja tse ruuwang lapeng, bakganni ba dikoloi tsa peiso le batho ba rekisang mabenyane ke mefuta e fapaneng ya setjhaba.
Ha o sebedisa dikamano tsa setjhaba, o hloka ho fumana dihlopha tse fapaneng tsa batho bao o batlang ho ba fihlella, hobane mofuta o mong le o mong wa setjhaba o tla kgahlwa ke dintho tse fapaneng. O tla hloka ho tseba hore na ba kgahlwa ke eng e le hore papatso ya hao e hlophiswe ho tobana le setjhaba seo.
Ntlha ena mabapi le ditjhaba e bohlokwa haholo.
Dikamanong tsa setjhaba ha ho na “bana”—ho na le “setjhaba sa bana.” Ha ho na batjha—ho na le “setjhaba sa batjha.” Ha ho na batho ba tsofetseng—ho na le “setjhaba sa batsofe.”
Ha o sebedisa dikamano tsa setjhaba ha wa lokela ho nahana ka matshwele a maholo ha o sheba batho ba sebakeng sa heno. O tlameha ho nahana ka mefuta ya dihlopha tse ka hara matshwele.
Motho wa dikamano tsa setjhaba o lokela ho beha bamamedi ba hae kelellong. Ha a ngola pale ya ditaba, o e ngolla bamamedi ba tla beng ba e bala.
Ho etsa sena, pele o tlameha ho tseba maikutlo kapa nnete ya setjhaba seo kapa bamamedi. O fumana seo ka ho etsa diphuputso.
Diphuputso
Diphuputso ke pokello ya dintlha, dipalo kapa maikutlo ao o a bokellang ho tswa ho palo e nnyane ya batho sehlopheng.
Tlhahisoleseding ena e tla o fa lesedi la seo sehlopha sohle se ka nahanang kapa sa ikutlwa sona. Ka mantswe a mang, ha wa tlameha ho hlahloba motho e mong le e mong sehlopheng ho fumana mehopolo ya seo sehlopha se ka se nahanang ka ntho e itseng, o ka hlahloba feela ditho tse ding tsa sona.
Mohlala, ho na le sehlopha sa matitjhere a dikete tse tharo sebakeng se seng mme o batla ho fumana hore na ba batla eng ho batho ba laolang dikolo. Ka ho lekola makgolo a mabedi a matitjhere ao, o ka fumana pono e ntle ya maikutlo a matitjhere a dikete tse tharo ka potso eo. Ha ho hlokahale ho botsa matitjhere ohle.
O sebedisa dikamano tsa setjhaba, ho hlahloba mofuta o fapaneng wa setjhaba se ikgethang. Ebe o hlahisa sengolwa sa hao e le hore se ka susumetsa batho ba setjhaba seo.
Ha o fane ka dipale tse mabapi le ditulo tsa dikowa ho setjhaba sa batjha kapa meputso ya Mickey Mouse ho batho ba hodileng.
Dintho tsohle tse fuwang setjhaba di lokela ho hlophiswa ho fihlella setjhaba se ikgethileng.
Ha o kopanya batho ba ditjhaba tse fapaneng, o a hloleha.
Ha o fumana sena hantle mme o hlahloba setjhaba se nepahetseng, wa atleha.
Dikamano tsohle tsa setjhaba tse nang le tsebo di etseditswe bamamedi ba ikgethang, ba hlahlobilweng ka hloko, ba bitswang “setjhaba sa ______.”
Ha o tseba seo, o ka utlwisisa taba ya dikamano tsa setjhaba.
Ha o ka e sebedisa ka botsibi, o setsebi lekaleng la dikamano tsa setjhaba.
Ha o sebedisa PR, o tlameha ho qala ka ho fumana ditjhaba tse nepahetseng. Ho ka ba le mefuta e mmalwa ya setjhaba, o mong le o mong o arohane ka ho hlaka ebile o fapane.
Jwale o tlameha ho lekola le ho sheba karabelo ya mofuta o mong le o mong o fapaneng wa setjhaba.
Ka mora moo, o rera le ho sebetsa puisano ya hao le seo o ka se fang setjhaba se seng le se seng se fapaneng.
O romella molaetsa o nepahetseng ho setjhaba se nepahetseng boemong bo bong le bo bong. Ho ka ba le melaetsa e mmalwa e fapaneng haeba ho na le ditjhaba tse fapaneng tse 12. Molaetsa o mong le o mong o loketse setjhaba seo.
Ha o sebedisa dikamano tsa setjhaba o batla sephetho—motho ya kenang, karabo ya lengolo kapa karabelo ho phahamiso ya hao.
Molaetsa o nepahetseng o foromong e nepahetseng ho setjhaba se nepahetseng o tla fumana sephetho.
Molaetsa o fosahetseng ho setjhaba se fosahetseng o sebedisa tjhelete e ngata mme ha o fumane sephetho.
Ha o tseba setjhaba se nepahetseng, o ka di fuputsa le ho buisana le tsona ka nnete.
Haeba o batla ho fumana sephetho, tseba hore na ditjhaba tsa hao ke bo mang.