Dintho tsa Bohlokwa tse Pedi tsa ho Ntlafatsa
Dikamano le ba Bang
Ho na le molao o mong wa mantlha dikamanong tsa setjhaba oo hangata o sa hlokomelweng kapa o sa fuweng bohlokwa bo lekaneng, empa ha o o sebedisa ka nepo o ka atleha ho sebetsana le ba bang.
Motho o fumane hore tsela ya ho rarolla dikamano tsa batho ke ho sebedisa “mekgwa e metle.” Mekgwa e metle e ke ke ya fodisa le ho lokisa feela dinako tse thata dipakeng tsa batho, hape e tla ntlafatsa dikamano.
Le ditso tsa kgale-pele, ho bolelang batho ba phelang ka mekgwa e bonolo ntle le metjhini ya sejwale-jwale, ba ntse ba na le mekgwa e tswetseng pele ya kamoo ba tshwaranang ka teng.
Sena se ithutilwe ho tswa thutong ya merabe ya kgale e fapaneng e mashome a mabedi a motso o mong e bontshang hore ba latela le ho sebedisa meetlo ya bona (mekgwa e amohelehang ya ho etsa), melao kapa meetlo dipakeng tsa batho, dipakeng tsa merabe e fapaneng esita le kamanong ya bona le batho ba tswang dinaheng tse fapaneng.
Hohle lefatsheng ka bophara, ho sa tsotellehe hore na batho ba tswa naheng efe kapa ba tswa sebakeng sefe, ba nyatsa ka matla “mekgwa e mebe.”
Bao ba nang le “mekgwa e mebe” ha ba amohelwe.
Kahoo, ntho ya bohlokwahadi eo re lokelang ho e utlwisisa le ho e sebedisa dikamanong tsa setjhaba ke “mekgwa e metle.”
Kahoo, haeba wena kapa sehlopha sa batho ba sebedisang dikamano tsa setjhaba le se na tsebo ya se amohelwang e le “mekgwa e metle” ke bao le ba bonang, le tla hloleha. Wena le sehlopha le kanna la tseba mekgwa yohle ya dikamano tsa setjhaba empa la hlolwa ka lebaka le le leng la “ho ba le mekgwa e mebe.”
Ho ba le “mekgwa e metle” ho na le dintho tse pedi tseo o lokelang ho di etsa:
(a) fana ka bohlokwa ho motho e mong mme
(b) sebedisa potoloho ya puisano ya two-way.
Potoloho Ya Puisano ya Two-way
Ha o sebetsana le batho, ho ke ke ha kgoneha ho fetisa mehopolo ya hao mme o amohele kamohelo efe kapa efe ntle le potoloho ya puisano ya two-way.
Potoloho ke nako e nang le qalo le pheletso. Nakong ya potoloho ya puisano re na le motho a le mong ya qalang puisano ho motho wa bobeli ya amohelang puisano. Jwale wa e utlwisisa mme acknowledges mme sena se tlisa pheletso ya potoloho. Ka acknowledge ho bolelwa ho bua kapa ho etsa ho hong ho bontsha motho e mong hore o utlwileng le ho utlwisisa puisano ya hae. Mohlala, ka hore “Keya leboha.”
Ho potoloho ya puisano ya two-way, motho wa bobedi jwale o qala puisano le motho wa pele mme yena wa e amohela, wa e utlwisisa le ho acknowledges. Ka mantswe a mang, potoloho ya puisano ya two-way ke tsela e tlwaelehileng ya puisano dipakeng tsa batho ba babedi. Ha se potoloho ya puisano ya two-way haeba motho e mong a ke ke a qala puisano ha a lokela.
Hore na ho na le diketso dife tse ding tse bang teng ha o kopana le motho e mong, dintho tsena tse pedi—ho fana ka bohlokwa ho motho e mong, le ho sebedisa potoloho ya puisano ya two-way—diya ameha. Motho ofe kapa ofe ya sa sebediseng dintlha tsena o tla iphumana yena le molaetsa wa hae ba sa amohelwe.
Ho ikgohomosa (ho etsa jwalo ka ha eka o phahame kapa o bohlokwa ho feta e mong) mme o sebedisa matla ho ka fihlela taolo hodima motho kapa ho hong empa mokgwa ona o ke ke wa fumana kamohelo le tlhompho bakeng sa PR.
Lebaka leo ditsebi tsa kelello di neng di ke ke tsa fumana kamohelo e akaretsang (maikutlo a mosa, tumello le tshehetso) ke hobane ka bo bona (a) ba ikgohomosa haholo mme, (b) ba bontsha maikutlo a matla a ho se rate le ho hloka tlhompho ho batho. Mehlala ya tsena ke dintho tseo dingaka tsa mafu a kelello di di bolelang ka batho, jwalo ka “motho ke phoofolo,” kapa hore “batho kaofela baa hlanya,” jj.
Ha ba na “mekgwa e metle” hobane ha ba (a) nahane kapa ho fa ba bang maikutlo a hore ke ba bohlokwa mme (b) ha ba sebedise potoloho ya puisano.
PR e Atlehileng
Dikamano tsa Setjhaba tsohle tse atlehileng di hahilwe motheong wa mekgwa e metle kaha tsena ke mekgwa ya pele e ntlafaditsweng ya ho etsa hore dikamano dipakeng tsa batho di se ke tsa utlwa bohloko, tsa thatafatswa kapa tsa se thabise.
Mekgwa e metle e tsejwa haholo ebile e hlomphuwa haholo ho feta taba ya dikamano tsa setjhaba. Ka lebaka leo, diketso tsa hao tsa dikamano tsa setjhaba di ke ke tsa atleha haeba o sa sebedise mekgwa e metle.
Mohlala, haeba o ne o hlokomoloha molebedi wa tshireletso ya kgwebo mme o mo nka jwalo ka ha eka ha a bohlokwa, ha o le moo ho kopana le mookamedi wa hae, hona ho kanna haeba kotsi ho wena. Hobane ka mora tsohle, o nahana hore ke mang ya buang le mookamedi? Molebedi wa tshireletso o bua le mookamedi wa hae letsatsi le leng le le leng.
Ho etsa tumellano ya kopano mme ebe ha o e boloke, ho romela memo e se e le morao haholo hore e amohelwe, ho sa fane ka dijo kapa seno ho motho ya tlang ho o bona, ho sa eme ka maoto ha moeti a kena ofising ya hao kapa lapeng, ho tshwara basebetsi ba hao jwalo ka bahlanka hara batho, ho phahamisa lentswe la hao ka tsela e sa thabiseng phatlalatsa, ho kena motho emong hanong ho seo a se buang “ho etsa eka ntho e nngwe ke ya bohlokwa le ho feta,” ho sa re keya leboha kapa bosiu bo monate—tsena kaofela ke “mekgwa e mebe.” Batho ba etsang dintho tse jwalo kapa tse ding tse sekete tse nyarosang ha ba amohelwe ke bao ba kopanang le bona bophelong.
Kahoo, kaha dikamano tsa setjhaba ka kakaretso di amohelwa, mekgwa e mebe e etsa hore di hlolehe ka botlalo.
Ho sebedisa mekgwa ya PR ka katleho, o tlameha ho ba le mekgwa e metle.
Sena ha se thata. O tlameha ho lekola maikutlo a hao ao o a bontshang ho batho mme o lokise eng kapa eng e ka bakang mathata ha o sebetsana le ba bang. Na batho ka bomong ba bohlokwa? Hape, o tlameha ho etsa hore potoloho ya puisano ya hao ya two-way e phethahale, e phethahale jwalo ka tlhaho hoo e ke keng ya bonahala.
Ha dintho tseo tse pedi di sebetsa, jwale o ka ithuta ka ho eketseha ka motho eo kapa sehlopha seo o sebetsang le sona le hore ba nahana hore “mekgwa e metle,” ke eng e le hore o ka sebedisa tlhahisoleseding ena ha o kopana le bona.
Jwale, ka dikamano tsa setjhaba tse sebediswang ka nepo, o ka fihlella PR e atlehileng.
Bohlokwa
Ha o tsebe hore na batho ba bohlokwa hakae. Ebile, sena se bonahetse e le se fapaneng le seo o ka se nahanang. Ka mantswe a mang, batho ba maemong a sa atlehang haholo bophelong ba na le boitlhompho bo fetang ba motho ya boemong bo phahameng. Ka mantswe a mang, mohopolo wa mohlwekisi ka bohlokwa ba hae o ka ba moholo haholo ho feta wa motsamaisi wa khamphani ya atlehileng moo mohlwekisi a sebetsang teng!
Kahoo, ho hlokomoloha batho ke ho ipeha kotsing ya ho hlolwa ka bowena.
Ho leka ho fumana tshwaro e kgethehileng ho motho e mong ka ho mo babatsa haholo ha ho na thuso haholo. Ebile, hangata ho a belaelwa ke motho eo o mo rorisang hobane sena ha se tshepahale ebile ha se sa nnete. Mme leshano la hao le tla totobala ho motho e mong le e mong ntle le lewatla.
Bohlokwa ba motho bo hlakiswa ho yena ka ho mo bontsha tlhompho kapa feela ka ho mo tsebisa hore wa mmona le hore wa amoheleha ho wena.
Mohlala, o ka bontsha motho habonolo hore o bohlokwa ka ho re feela “Hoseng ho monate” kapa “Dumela” ha o qala ho bona motho eo. Ka tlwaelo hoo ho thabisa motho.
Hape, ho tseba lebitso la bona le ntho e itseng ya bophelo ba bona ho tla bopa bohlokwa. Mohlala, ha o ilo kopana le motho e mong mme o bona moamohedi wa bona ya amohelang baeti lekgetlo la bobedi, mo dumedise ka lebitso la hae o be o mo botsa hore na mora wa hae o ntse a etsa jwang ho tsa bolo ya maoto—e leng ntho eo ho hlakileng hore o motlotlo ka yona ho latela ditshwantsho tseo a nang le tsona tafoleng ya hae—mme o tla hlokomela hore o ba le mosa le thuso haholo. Ka diketso tseo tse bonolo, o file moamohedi bohlokwa.
Ho iketsa eka o motho wa bohlokwa ho feta ba bang ho amoheleha jwaloka katse e shweleng lenyalong—mohlomong ke mohlala o bowatla, empa o utlwisisa ntlha. Ho tla etsa hore batho ba se ke ba batla ho ba haufi le wena.
Batho ba na le boleng ebile ba bohlokwa. Bo boholo kapa bo bonyane ba bohlokwa.
Haeba o tseba seo, o tseleng ya ho fihlela mekgwa e metle.
Mme seo se bolela hore dikamano tsa setjhaba di ka etsahala.
Puisano
Potoloho ya puisano ya two-way e bohlokwa ho feta se buuwang.
Ditaba tsa puisano, moelelo o lokelang ho fetisetswa ho motho e mong kapa ba bang, ha di bohlokwa ho feta taba ya hore potoloho ya puisano ya two-way e ya etsahala.
Puisano e teng hore e arajwe kapa e sebediswe.
Puisano, moo potoloho ya puisano ya tsela tse pedi e hlahiswang pele, e tlameha ho ba teng pele e fana ka molaetsa.
Melaetsa e tlameha ho tsamaya ka mola wa puisano. Mola kapa tsela eo puisano e tsamayang ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong e tlameha ho ba teng. Ka mohlala, haeba o ka kena ka phapusing ya ho emela ofising ya ngaka mme wa qala ho bua ho se mtho eo o lebisitseng puo ho yena, o kanna wa hlokomolohuwa. Batho ba sebakeng seo ba ka tswela pele ho bala dimakasine tsa bona kapa ho bua le metswalle ya bona. Qala ka ho bopa mola wa puisano, ho bolelang hore, fumana tlhokomelo ya motho eo o batlang ho bua le yena ebe ke hona o ka qalang ho bua.
Dipapatso ha se kamehla di sebedisang potoloho ya puisano. O tla bona dipapatso tse kang “Reka ______ ya morao-rao!” tse kenang ho moya o mosesane. O tlameha ho etsa ho hong pele ho bopa mola wa puisano. Mme mola o tlameha ho ba bonolo hore o tle o fumane karabo, ekaba ka motho ya o sebedisang, ya o rekang kapa ya arabang feela.
Mohlala o qabolang e ne e le morekisi ya neng a ngolla batho mme a ba bolella hore ba reke sehlahiswa se theko e phahameng haholo ntle le ho hlalosa tshebediso ya sona kapa boleng ba sona. Ho ne ho se karabelo ho hang—zero. Ke hobane morekisi ha a ka a bopa mola wa puisano. O ne a ngolla lebitso le tswang faeleng kapa lethathamong, empa eseng batho ba itseng.
Ha o sebetsana le ba bang, o tlameha ho etsa potoloho ya puisano pele kamohelo ya sefe kapa sefe seo o se buang e ka etsahala. Kahoo o ka kgona ho fetisa molaetsa wa hao.
Mekgwa e metle e hloka potoloho ya puisano ya two-way. Sena ke nnete le ha o ngola mangolo kapa o letsa mehala.
Ho tloha mona o tseba dintho tse kang “ho bolella mofumahatsana hore keya leboha le bosiu bo monate ha o tloha moketjaneng wa hae wa dijo tsa mantsiboya.” Seo ke acknowledgement e nepahetseng ya potolohong ya puisano.
O tlameha ho utlwisisa potoloho ya puisano ya two-way hore o be le mekgwa e metle.
Ntle le potoloho ya puisano ya two-way, dikamano tsa setjhaba ke tshebetso e se nang thuso.
Meetlo
Meetlo ke letoto la diketso le mantswe a etswang kgafetsa ka mokgwa o tshwanang, ka dinako tse ding e le karolo ya moetlo wa bodumedi kapa moetlo wa setjhaba ka hara sehlopha kapa morabe. Ho bohlokwa ho lemoha le ho tseba meetlo ya sehlopha leha e le sefe seo o ka nnang wa sebetsanang le sona ho etsa dikamano tsa setjhaba.
Haeba moetlo wa MaIndia wa Amerika wa ho ba le diboka tsa semmuso o ne o nepahetse haholo, mme haeba merabe e meng e sekete ya kgale e ne e ena le boitshwaro bo nepahetseng setjhabeng le mekgwa eo ba dumedisanang ka yona, ha ho thata haholo ho kopa motho wa sejwale-jwale hore le yena a be le mekgwa e metle.
Empa “mekgwa e metle” ha e bonahale mehleng ya rona jwaloka kamoo e neng e le kateng pele. Sena se etsahala hobane ho tswakwa ha merabe le ditlwaelo tse ngata lefatsheng ka bophara ho entse hore ditlwaelo tsa moetlo tse neng di etswa hantle dihlopheng tse nnyane di nyamele.
O hlokomela mokgwa o sa tsotelleng le o monyebe oo mekgwa e sebediswang ka yona.
Leha ho le jwalo, hona hase lebaka la hore o be le mekgwa e mebe.
O ka ba le mekgwa e metle ka ho ikwetlisa le ho ela hloko dintho tse latelang:
a. Bohlokwa ba batho
b. Potoloho ya puisano ya two-way
c. Meetlo ya lehae e sebediswang e le boitshwaro bo nepahetseng
Tsena ke dihlokwa tsa pele tsa motho ya sebedisang mekgwa le bokgoni ba PR. Motheong oo o ka haha ponahalo e amohelehang ya dikamano tsa setjhaba le tshusumetso e etsang hore PR e atlehe.