BANA
ho hloka thahasello: ho hloka thahasello ho felletseng kapa maikutlo ka dintho ka kakaretso, le ho se kgone ho araba ka maikutlo.
dikhabohaedreite: ntho e ka dijong e fanang ka matla a kapele mmeleng. Boholo ba dikhabohaedreite di entswe ka tswekere kapa di fetoha tswekere ha di sebetswa mmeleng. Ho ja dikhabohaedreite tse ngata ha se bophelo bo botle, jwalo ka ho ja dipompong tse ngata haholo kapa ho nwa dino tse tahang tse ngata haholo.
puisano: phapanyetsano ya mehopolo dipakeng tsa batho.
taolo: bokgoni ba ho qala, ho fetola le ho emisa.
ho susumetsa: ketso ya ho fa motho mabaka a ho leka ho mo kgodisa hore a etse kapa a amohele ho hong.
hantle: ka tsela e nang le tsebo ntle le diphoso kapa mathata.
ho belaela: ho belaela motho hobane o sa mo tshepe.