Let us know how it is going
3.‎2 BALA SEHLOOHO

Ho Sebe le Dihlong le Ho ba le Dihlong

Ho ba le dihlong ho bolela ho sheba ka hare haholo.

Ho sebe le dihlong ho bolela ho kgona ho shebahala ka ntle.

Motho ya seng dihlong ke motho ya kgonang ho sheba ho potoloha sebaka seo a dulang ho sona kapa a sebetsang ho sona. Motho ya nang le dihlong o kgona ho itadima feela.

Motho ya nang le bokgoni ba ho sheba lefatshe le mo potileng le ho le bona e le la nnete ebile le kganya haholo, ho totobetse hore, o boemong ba ho sabe le dihlong. Ka mantswe a mang, a ka “tadima.” Hape a ka sebetsa. O kgona ho bona dintho tse hlokang ho tshwarwa le ho sebetsana le ho laola dintho tseo a tlamehang ho di sebetsa le ho di laola. Ka nako e tshwanang, a ka kgetha ho ema le ho shebella dintho tseo a sa tlamehang ho di laola le ho di thahasella.

Motho ya botswa ke motho eo mohlomong a seng a fetile mokgathala o mongata nakong e pejana. O shebile hlokomelo ya hae ho yena (hlokomelo ya hae e hodima dikotsi tsa kgale tse ntseng di kgona ho mo utlwisa bohloko). Sena se ka tsoela pele ka makgehlo ho fihlela motho a dula a sheba kahare eseng ka ntle. O qoba ho sheba dintho tse tiileng tse mo potileng jwalo ka mabota, fatshe, ditafole, dikoloi, jj. Batho le dintho tse mo potileng di bonahala eka ha se tsa nnete.

Jwale ha re nkeng sehloho sa mosebetsi ka nnete. Mosebetsi ke tshebetso ya hlokomelo le tshebetso ho batho kapa dintho tse sebakeng.

Ha motho a se a sa kgone ho sheba batho kapa dintho ka ho toba kapa sebaka seo a leng ho sona, o qala ho ba le “ho lahlehelwa” ke maikutlo. Ho jwalokaha eka o ntse a pota-pota ka mofuta wa mohodi kapa mohodi o bobebe haholo. Dintho ha se tsa nnete ho yena mme ha a kgone ho laola dintho tse mo potileng. O na le dikotsi, o na le bomadimabe, mme dintho di mo fetohela hobane feela a sa di tshware kapa a di laola kapa a di bona hantle. Bokamoso ba motho ya jwalo bo bonahala bo le bobe haholo—ka dinako tse ding bo bobe hoo a ke keng a tobana le bona. Motho enwa ho ka bolelwa hore o maemong a hoba dihlong tse tebileng.

Mosebetsing, motho ya sa hlokomela o tsepamisa mohopolo dinthong tseo hangata e leng haufi le maoto hae. O shebela haufi haholo le dintho tse ka fihlang matsohong a hae, jwalo ka dipene, dibuka, dikhomphutha, mehala ya cellular joalo-joalo. Sena se beha hlokomelo ya hae ho sebe le dihlong le ho tadimeng kantle mme se etsa hore jwale a shebe sebaka se seng haufi le sefahleho sa hae. Hlokomelo ya hae ya ema. Haeba dintho tseo a ntseng a sebetsa le tsona di tshwana le ho tswa dikotsi kapa tshebetso e nngwe ya kgale, o tla hopola tse mpe tse fetileng—o utlwa bohloko le mathata le maikutlo a ho tepella kapa a ho hloka tshepo eo a bileng le yona nakong eo ya ho lemala. Ha a ntse a hlokomela maikutlo kgafetsa karolong ena ya bophelo ba hae, hangata o qala ho sheba feela dikotsi tsa pejana le dinako tse mpe tseo a bileng le tsona, leha a sa sebetse.

A re nkeng motho ya sebetsang jwaloka accountant bakeng sa khamphani. O dula a sheba dibuka le dikhomphutha le maqhephe a dipampiri tse bohole le mahlo a hae. Kamora nakwana, o kgona ho bona dintho tse haufi le yena feela mme o hloka dikgalase tsa mahlo hore a bone hole. Mahlo a hae a shebile bohole bo itseng. Jwale, ha a ntse a beha hlokomelo ya hae moo, o qala ho itlosa boemong boo ho fihlela, kamora nakwana, ho tsepamisa mahlo a hae a be a se ke a fihla skrineng sa khompyuta ya hae. O tlameha ho fumana dikgalase tsa mahlo tse matla ho feta hore a tsebe ho bona skrineng sa khomphutha. Pono ya hae le hlokomelo ya hae di tshwana hantle—o wa fokola ebile o ntse a fokola.

Motho ya sebetsang ka motjhini kapa khomphutha kapa dibuka kapa dintho tse dulang di le thoko ho yena o tlohela mosebetsi wa hae mme o leka ho boloka hlokomelo ya hae e le hantle moo mosebetsi wa hae o leng teng. Ka mantswe a mang, hlokomelo ya hae ha ho mohla e tlohang mosebetsing wa hae ho hang. Leha a ya hae, o ntse a “dutse ka ofising.” Hlokomelo ya hae e ntse e dutse a shebile haholo ka mosebetsi wa hae. Hape, haeba sebaka seo a neng a sebetsa ho sona le ntlo ya hae di tshwana le dikotsi kapa kotsi e itseng (mme ke mang ya se nang tsona, bonyane?) o qala ho ikutlwa a fokola kapa a kgathetse.

Na ho na le pheko bakeng sa see? Ke Scientologist ya kwetlisitsweng feela ya ka hlakisang bothata bona ka botlalo, empa mosebeletsi o na le seo a ka se etsang.

Ho sa tsotelehe hore na o motho ya ikarabellang ka tjhelete, kapa molebedi wa dibuka kapa motsamaisi kapa motho ya sebetsang motjhini, ntho e fosahetseng ke ho tlohela mosebetsi, o ye hae, o dule fatshe mme o hlokomela maikutlo a hao nthong e ka hodimo kapa e ka tlase ka bohole le ntho eo o itadimang ha ole mosebetsing kamehla.

Tabeng ya foromane ya okametseng sehlopha sa banna sebakeng sa pokello ya mesebetsi, ka mohlala, ya dulang a bua le banna ka bohole bo itseng le yena mme a ba fa ditaelo tsa ho etsa dintho, ntho e fosahetsing a sa lokelang ho e etsa ke ho ya hae a bue le mosali wa hae ka bohole bo tshwanag. Ntho e latelang eo a e tsebang, o tla fumana dtiaelo jwalo ka ha eka ke setho sa seboka sa hae sa mosebetsi wa matsoho!

Ho hobe ka ho fetesisa ke ho ya hae ebe o dula fatshe ebe o bala pampiri, o ja dijo tsa mantsiboya ebe o robala. Haeba motho a ne a tlwaetse ho sebetsa letsatsi lohle ebe o dula fatshe ho “phomola” ka buka kapa koranta mantsiboya, ho na le bonnete ba hore, kapele, o tla qala ho ikutlwa a kgathetse haholo. Mme, kamora nakwana, o ne a tla wela tlase ho moo mme o ne a ke ke a ipotsa ka ho se rate ha hae ho etsa dintho tse neng di le bonolo haholo ho yena.

Na ho na le ntho e nepahetseng eo o ka e etsang? Ee ho jwalo. Motho ya hlokomelang mohopolo nthong e itseng kapa o le hole le mahlo a hae nakong ya mosebetsi o lokela ho hlokomela mohopolo sebakeng se fapaneng ka mora dihora tsa mosebetsi.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape Ho Sebetsana le Mokgathala o mongata Lefatsheng la Tsatsi-la-Mosebetsi le ho leka kutlwisiso ya hao hape