Ho Phekola Bothata bo Boraro ba ho Ithuta:
Lentswe le sa Utlwisisweng Hantle
Lentswe le sa utlwisisweng hantle le tla dula le sa utlwisiswe hantle ho fihlela o hlakisa moelelo wa lentswe leo.
O hlakisa lentswe ka ho batla moelelo ho dikishinari le ho utlwisisa lentswe leo ka botlalo.
Ha o se o batlile ditlhaloso tsohle tsa lentswe mme o utlwisisa lentswe e ka botlalo mme o tseba ho le sebedisa, lentswe leo le ka bitswa hlakisitswe. Ke hobane moelelo le tshebediso ya yona di hlakile ho wena mme ha ho letho ka lentswe leo o sa le utlwisising.
Ho na le mehato e tobileng ho latela ho hlakola lentswe lefe kapa lefe leo o kopanang le lona dithutong tsa hao tseo o sa di utlwisising.
Mehato ya ho Hlakisa Lentswe
1. Eba le dikishinari e ntle haufi mme e fumaneha ha o ntse o bala o tle o tsebe sheba moelelo wa lentswe leo o sa le utlwisising ka botlalo. Dikishinari e ntle ha e kenye mantswe a thata ditlhalosong. Dikishinari e ntle e o nolofatsa hore o kgone ho hlakisa lentswe ntle le hore o bale mantswe a mang a mangata.
2. Ha o fumana lentswe kapa letshwao leo o sa le utlwisising, le fumane dikishinaring ya hao. Haeba ho na le moelelo o fetang o le mong, sheba ka pele ho ditlhaloso tse ding ho fumana e dumellanang hantle le ho hlalosa lentswe moelelong oo le neng le sebediswa ka yona. Moelelo wa taba o bolela mantswe kapa dikarolo tse kgutshwane tsa mantswe a tlang pele kapa ka mora lentswe le itseng le thusang ho hlalosa moelelo wa lona o felletseng. Mohlala, moelelo wa lentswe “molamu” ke o fapaneng dipolelo tsena ka bobedi, jwalo ka ha o bona, polelo e thusa ho hlalosa hore na lentswe le bolelang:
1. O ile a nka molamu mme a otla bolo.
2. O ile a bona mankgane o fofela hodima sefate.
Bala ditlhaloso tse sebetsang le moelelo o nepahetseng ebe o etsa bonnete ba hore o di utlwisisa ka botlalo. Mohlala, dikishinari e ka thathamisa tse latelang:
molamu: 1. thupa kapa molangwana o sebediswa ho
otla bolo dipapading. 2. e nyane
phoofolo jwalo ka tweba e nang le
mapheo e fofang bosiu.
Didikishinari hangata di fana ka mehlala ya hore na lentswe le sebediswa jwang polelong. Empa ho hlakola lentswe, o tlameha ho etsa polelo ya hao o sebedisa lentswe leo ho fihlela a) o utlwisisa ka botlalo, b) o phutholohile ho e sebedisa le c) o utlwisisa ka botlalo moelelo wa lentswe leo.
Ha o utlwisisa lentswe ka botlalo, ha wa lokela ho nahana ka lona. O ya e tseba. O kanna wa hloka ho etsa dipolelo tse leshome kapa ho feta ho fumana kutlwisiso e felletseng ya lentswe leo.
3. Mohato o latelang ke ho hlakisa ditlhaloso tse ding tse thathamisitsweng tsa lentswe leo. Bala ditlhaloso ebe o hlakisa eng kapa eng ka moelelo o thathamisitsweng oo o sa o utlwisising. Sebedisa lentswe le nang le moelelo ka dipolelo tse mmalwa ho fihlela o le utlwisisa. Ebe o nka tlhaloso e latelang, e bale mme o e sebedise dipolelong.
Tswela pele jwalo ho fihlela o hlakisitse ditlhaloso tse ding le tse ding tse thathamisitsweng ka polelo le ho utlwisisa e felletseng ya e nngwe le nngwe. Ha lentswe le na le meelelo e mengata e fapaneng, o ke ke wa hlakisa moelelo o le mong feela mme o re o utlwisisa lentswe ka botlalo. O tlameha ho utlwisisa lentswe ha o le bona hape ka moelelo o mong. Ka hona hlakisa ditlhaloso tse ding le tse ding tse thathamisitsweng.
4. Ntho e latelang eo o lokelang ho e etsa ke ho hlakola e nkilweng. Sena se bolela hore na lentswe leo le tswa ho kae. Ho tseba hore na lentswe leo le tswa ho kae ho tla o thusa ho fumana kutlwisiso ya mantlha ya lentswe.
5. Dikishinari eo o e sebedisang o ka kenyelletsa maele ka hara ditlhaloso. Leele ke sehlopha sa mantswe ao ha a sebediswa mmoho, a nang le moelelo o fapaneng le seo mantswe a ka fanang ka sona mabapi le moelelo wa ona o tlwaelehileng. Mohlala, ho kgahlwa ke motho ke leele le bolelang “ho hapa tlhokomelo ya motho e mong.” Haeba ho na le maele a thathamisitsweng ho dikishinari bakeng sa lentswe leo o le batlang, di bale mme o di sebedise ka polelo ho fihlela o e utlwisisa.
6. Hlakisa lesedi lefe kapa lefe mabapi le lentswe le ka thathamisitsweng ho dikishinari, jwalo ka dintlha mabapi le hore na e sebediswa jwang (tshetshebediso lona) le mahlalosongwe afe kapa afe. Mahlalosongwe ke mantswe a nang le moelelo o tshwanang, empa ha a tshwane. Mohlala, “tshesane” le “nyane” ke mahlolosongwe.
7. Haeba o bona lentswe kapa letshwao le sa utlwisisweng hantle ho efe kapa efe ya ditlhaloso, maele kapa mantswe a tshwanang a lentswe leo o le batlang, o tlameha ho le hlakisa hang hang o sebedisa tsamaiso e tshwanang o thathamisitsweng ka hodimo. Ebe o kgutlela ho ditlhaloso tseo o neng o di hlakisa qalong.
Moelelo wa matshwao le dikgutsufatso tse sebedisitsweng ho dikishinari hangata di kenyeletswa ka pele ho buka mme o ka di sheba teng. Leha ho le jwalo, haeba o iphumana o qeta nako e ngata o hlakisa mantswe kapa o batla moelelo wa matshwao kapa dikhutsufatso, o lokela ho fumana dikishinari e bonolo haholwanyane.
Mona ke mohlala wa ho sebedisa mehato e ka hodimo ho hlakisa lentswe. Ha re re o bala polelo e reng “O ne a tlwaetse ho hlwekisa ditjhemele bakeng sa ho iphidisa,” mme ha o na bonnete ba hore ho bolelwang ka “ditjhemele.”
O fumana “tjhemele” ho dikishinari sheba ditlhaloso mme o fumana e nngwe e dumellanang hantle le moelelo wa taba. Tlhaloso e re “flue ya mosi kapa dikgase e tsang mollong.”
Ha o na bonnete ba hore na “flue” e bolelang, kahoo o ya e sheba. Dikishinare ere flue ke “phala eo mosi kapa motjheso o tswang mollong o fetang ka mohahong.” Seo sea lekana ebile sea utlwahala, o se sebedisa ka polelo tse ding ho hlakisa ho fihlela o se utlwisisa hantle.
“Flue,” ka hare ho dikishinari, e na le dihlaloso tse ding hape, o ne o tla hlakisa le ho e sebedisa ka nngwe ho dipolelo.
Ka mora moo, sheba ho tswa lentsweng “flue.”
Ha o hlakisitse lentswe “flue” ka botlalo, kgutlela ho “tjhemele.” Tlhaloso, “flue ya mosi kapa dikgase tse tswang mollong,” jwale e ya utlwahala, ka hona o sebedisa lentswe “tjhemele” polelong ho fihlela ona le kutlwisiso e hlakileng ya yona.
O ntano hlakisa ditlhaloso tse ding. Ha re re dikishinari e na le ntho e seng e sa sebebetse (ya kgale e seng e sa sebediswe) tlhaloso e nngwe e thathamisitsweng e le jioloji (e amanang le ho ithuta ka majwe le diminerale). O ne o tla tlola tsena ka bobedi, kaha ha di sebediswe ka mokgwa o tlwaelehileng.
Jwale hlakisa ho tswa hwa lentswe “tjhemele.” O fumana hore qalong e tswa lentsweng la Segiriki “kaminos,” le bolelang “sebeso.”
Ha eba lentswe le ne le na le mantswe a tshwanang, dintlha kapa maele, kaofela di ne di tla hlakiswa ke tsona.
Eo e tla ba pheletso ya ho hlakisa “tjhemele.”
Ena ke tsela eo lentswe le leng lele leng le lokelang ho hlakiswa ka yona.
Mantswe a Bonolo
Ha o sheba le ho hlakisa mantswe dikishinaring, hopola hore ha se mantswe a maholo feela kapa mantswe a thata a sa utlwisisweng hantle haholo.
Teko ya nnete sehlophang sa baithuti e fumane hore mantswe a hlahang kgafetsa a neng a thibela kutlwisiso ke mantswe a bonolo a Senyesemane, jwalo ka “a,” “the,” “teng,” “jwalo,” jj.
Ho fumana moelelo o felletseng wa mantswe ana a bonolo a Senyesemane, le ho ba le kutlwisiso ya nnete ya ona, ho hloka dikishinari e kgolo. Dikishinari tse nyane di nahana jwalo “motho e mong le e mong o tseba moelelo wa mantswe ana a manyane a tlwaelehileng”—empa batho ba bangata ha ba tsebe.
Hoo e ka bang ntho e makatsang ho bona hore motho ya qetileng dilemo tsa ho ithuta dihloohong tse thata haholo univesithing, mme a fumane lengolo, a ntse a sa tsebe moelelo ya mantswe a kang “kapa,” “ka” kapa “an.” Ho thata ho dumela, empa hangata ho ya etsahala. Empa ha moithuti enwa a sheba mme a fumana moelelo wa mantswe ao a neng a sa a utlwisise, dilemo tsa hae tsa ho ithuta di ka fetolwa ho tloha ho dipotso tse ngata le boipolelo ho ba bonnete le kutlwisiso ya seo a ithutileng sona.
Lentswe le hlakisitsweng ke lefe?
Lentswe le hlakileng ke le seng le hlakisitswe ho fihlela kutlwisiso e felletseng ka ho sheba dikishinari ka sebopeho se seng le se seng sa ditlhaloso tse tlwaelehileng tsa lentswe leo, mmoho le botekgeniki kapa tse ikgethileng ditlhaloso tse ding tsa lentswe leo tse amanang le sehlooho seo o ithutang sona.